Mareka 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)Setshwantsho sa balemi le sa lejwe la sekgutlo. 1 Jwale, a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: Motho o ne a hlomile tshimo ya merara, a e sireletsa ka motero; a tjheka sehatelo teng, a haha tora, a e laeletsa balemi, a ntoo eta. 2 Ka nako ya dijo, a romela mohlanka ho balemi, hore a nke ditholwana tsa morara ho balemi. 3 Ba mpa ba mo tshwara, ba mo otla, mme ba mo kgutlisa a le feela. 4 A boela a romela ho bona mohlanka e mong; empa yena ba mo betsa ka majwe, ba mmata hlooho, mme ba mo kgutlisa ka dihlong. 5 A boela a roma e mong; yena ba mmolaya. A roma ba bang ba bangata; ba otla ba bang, ba bang ba ba bolaya. 6 Jwaloka hobane a sa na le mora wa hae, ya leng mong, ya ratwang, le yena a mo romela ho bona e le wa qetello, a re: Ba tla hlonepha mora ka. 7 Empa balemi bao ba bolellana, ba re: Eo ke mojalefa; tlong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona. 8 Ba mo tshwara, ba mmolaya, ba ntoo mo lahlela kantle ho tshimo ya merata. 9 Hleka monga tshimo ya merara o tla etsa jwang na? O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea basele. 10 Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo? 11 Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona. 12 Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela. Jesu o botswa dipotso bakeng sa lekgetho le ntshetswang Sesare, — le sa tsoho ya bafu, — le sa molao o moholo. 13 Yaba ba romela ho yena ba bang ba bafarisi le ba Baheroda, hore ba mo tshwase ka dipolelo tsa hae. 14 Bao ba tla, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hoba o wa nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa tsela ya Modimo o e ruta ka nnete. Hleka ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa ha ho jwalo na? Re ntshe, kapa re se ntshe? 15 Empa yena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang na? Ntlisetseng denare, ke e bone. 16 Ba e tlisa. Yaba o re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang? Ba re ho yena: Ke la Sesare. 17 Yaba Jesu o ba araba, a re: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota. 18 Jwale basadusi, ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: 19 Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Ekare ha moholwane wa mmona a shwele, mme a siile mosadi, a mpa a sa ka a siya bana, moenae a nke mosadi wa hae, a hlahisetse moholwane wa hae bana. 20 Ho ne ho le bara ba supileng ba motho a le mong; e moholo a nka mosadi, mme a shwa a sa siye ngwana. 21 Wa bobedi le yena a mo nka, mme a shwa a sa siye ngwana le yena; le ho wa boraro ha eba jwalo. 22 Ba supileng bao ba mo nka, mme ha ba ka ba siya bana; kamora bona kaofela, mosadi le yena a shwa. 23 Hleka ha ho le jwalo, tsohong ya bafu, mohla ho tsohuwang, mosadi eo e tla ba wa ofe ho bona, haele mona e bile mosadi wa bona ba supileng? 24 Jesu a ba araba, a re: Na ho lahleha ha lona hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Modimo na? 25 Hobane mohla ho tsohuwang bafung, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi mahodimong. 26 Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo? 27 Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Lona, le lahlehile haholo. 28 E mong wa bangodi, ya ba utlwileng ha ba arabana, ha a bona hobane o ba arabile hantle, a mo atamela, a mmotsa, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke ofe na? 29 Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele; Morena, Modimo wa rona, ke Morena a nnotshi, 30 mme o rate Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle, le ka matla a hao wohle; ke wona molao wa pele. 31 Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ha ho molao o moholo ho yona eo. 32 Mongodi a re ho yena: Ke hantle, moruti; o boletse ka nnete ha o re: Modimo o mong, mme ha ho o mong haese wona; 33 mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle. 34 Jesu, ha a mmona hoba o arabile ka kelello, a re ho yena: Ha o hole le mmuso wa Modimo. Mme ha ho a ka ha hlola ho eba motho ya betang pelo ho mmotsa. Kreste ke mora mang? 35 Jesu, ha a ntse a ruta tempeleng, a bua, a re: Bangodi ba bolela jwang hore Kreste ke mora wa Davida? 36 Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao. 37 Na ha yena Davida a mmitsa Morena wa hae, e ka ba mora wa hae jwang? Mme bongata bo boholo bo ne bo mo utlwa ka thabo. Bangodi ba nyatswa ke Jesu. 38 Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong; 39 ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng le ditulo tse kapele meketeng; 40 ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang. Kabelo ya mosadi wa mohlolohadi. 41 Jesu o ne a dutse malebana le polokelo ya letlotlo, a tadimile kamoo batho ba nokelang ditjhelete kateng, polokelong ya letlotlo. Barui ba bangata ba ne ba nokela tse ngata. 42 Yaba ho tla mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng, a nokela tjheletana tse pedi, tse bang farethine. 43 Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi enwa ya fumanehileng o noketse ho fetisa bohle ba noketseng polokelong ya letlotlo. 44 Hobane bohle ba noketse ba nkile ho tlallweng ha bona; empa enwa o noketse a nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a na le hona, hohle hoo a neng a phela ka hona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa