Luka 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)Setshwantsho sa moahlodi ya sa lokang. 1 Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala! 2 A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona. 3 Hape, ho ne ho le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, ya neng a etla ho yena, a re: Nkahlolele ho ya ntsekisang. 4 A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho, 5 leha ho le jwalo, kahobane mohlolohadi eo o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, a tle a se ke a nngamola hlooho ka ho nna a etla kamehla. 6 Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang. 7 Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na? 8 Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na? Setshwantsho sa mofarisi le molekgetho. 9 Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re: 10 Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho. 11 Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa. 12 Ke itima dijo habedi ka veke; ke ntsha karolo ya leshome ya ntho tsohle tseo ke di ruang. 13 Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe. 14 Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa. Bana ba banyenyane. 15 Ha tliswa le bana ba banyenyane ho yena hore a ba ame; empa barutuwa, eitse ha ba bona hoo, ba ba kgalemela. 16 Yaba Jesu o ba bitsa, a re: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona. 17 Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng. Mohlankana wa morui. 18 Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng? 19 Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo. 20 O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao. 21 A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka. 22 Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele. 23 Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo. 24 Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo! 25 Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo. 26 Ba utlwileng tseo ba re: Ho ka bolokeha mang na? 27 Jesu a re: Tse sitang batho ha di site Modimo. 28 Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse. 29 Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya tlohetseng ntlo, leha e le baholo ba hae, leha e le banababo, leha e le mosadi, kapa bana, ka baka la mmuso wa Modimo, 30 a sa tlo ka a bona, mehleng ena, haholoholo ho tseo, le mehleng e tlang a bone bophelo bo sa feleng. Jesu o porofeta lefu la hae le tsoho ya hae. 31 A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala. 32 Hobane o tla neelwa baditjhaba, mme o tla songwa, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe. 33 Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro. 34 Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang. Phodiso ya sefofu, Jeriko. 35 Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela. 36 Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng? 37 Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang. 38 Yaba se howa, se re: Jesu, mora Davida, nkutlwele bohloko! 39 Ba eteletseng pele ba se kgalemela, ba re, se kgutse; empa ke ha se tla eketsa ho howa, se re: Mora Davida, nkutlwele bohloko! 40 Jesu a ema, a ba laela hore ba se tlise ho yena; eitse ha se atametse, a se botsa, 41 a re: O rata ha ke o etsang na? Sa re: Morena, ke re, ke tutubolohe. 42 Jesu a re ho sona: Tutuboloha, tumelo ya hao e o pholositse. 43 Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa