Levitike 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)Mahlabelo a sebe. 1 Jehova a bua le Moshe, a re: 2 Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa: 3 Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe. 4 O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova. 5 Moprista ya tlotsitsweng o tla nka madi a mang a poho eo, a a tlise ka tenteng ya pokano. 6 Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme a foke ka wona hasupa pela Jehova, pela lesira la sehalalelo. 7 Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano. 8 O tla nka mafura wohle a poho ya sehlabelo sa sebe, e leng mohlehlo o apesang mala, 9 le mafura kaofela a kgomaretseng mala, le diphio tse pedi, le mafura a tsona ho isa ho a mahlono, le mafura a kguto a katlase ho sebete, mme o tla a kgaola pela diphio. 10 Moprista o tla nka ntho tseo ka mokgwa oo di nkwang ka wona pohong ya sehlabelo sa teboho, mme o tla di tjhesa aletareng ya ditjheso. 11 Empa letlalo la poho eo, le nama ya yona yohle, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le mala a yona, le moswang wa yona, 12 ke re, poho kaofela, e tla hulelwa kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng, thotobolong ya melora, mme o tla e tjhesa ka patsi feela; e tla tjheseletswa thotobolong ya melora. 13 Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato: 14 etlare ha sebe se entsweng se lemohuwa, phutheho e tla hlahisa pohwana bakeng sa sebe, mme e tla tliswa pela tente ya pokano. 15 Baholo ba phutheho ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho, pela Jehova, mme poho e tla hlajwa pela Jehova. 16 Moprista ya tlotsitsweng o tla isa madi a mang a poho tenteng ya pokano; 17 moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme o tla foka hasupa pela Jehova, malebana le lesira; 18 madi a mang o tla a bea manakeng a aletare e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e monyako wa tente ya pokano. 19 O tla nka mafura a yona kaofela, a a tjhese aletareng. 20 O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe. 21 Poho e tla thothelwa kantle ho diahelo, mme e tla tjheswa, jwalokaha ho tjhesitswe poho ya pele: ke sona sehlabelo sa sebe sa phutheho. 22 Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato. 23 Etlare ha e bontshwa sebe seo e se entseng, e tla hlahisa podi e tona e se nang sekodi, e be sehlabelo sa yona. 24 E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe. 25 Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso. 26 O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe. 27 Ha ekaba ke motho feela wa setjhaba ya entseng sebe ka ho se tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa, o entse molato. 28 Etlare ha a lemoswa sebe seo a se entseng, o tla hlahisa sehlabelo bakeng sa sebe seo a se entseng, e le podi e tshehadi, e se nang sekodi. 29 O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso. 30 Moprista o tla nka madi a mang a yona ka monwana, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso; madi a setseng kaofela o tla a tshollela fatshe aletareng. 31 O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa. 32 Ha ekaba a hlahisa nku ya sehlabelo sa sebe, o tla hlahisa e tshehadi, e sa nang sekodi. 33 A bee letsoho la hae hloohong ya nku ya sehlabelo sa sebe, a e hlabe bakeng sa sebe sa hae moo ho hlabelwang ditjheso. 34 Moprista o tla nka ka monwana wa hae madi a mang a nku, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng kaofela a ntoo a a tshollela fatshe aletareng. 35 O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa