Levitike 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)Melao bakeng sa kandelare le mahobe a pontsha. 1 Jehova a boela a bua le Moshe, a re: 2 Laela bana ba Iseraele, hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya mohlwaare, hore dilampi di nne di tshelwe kamehla. 3 Ke ka kwano ho lesira le sirelang bopaki tenteng ya pokano Aarone a tlang ho e lokisa, hore dilampi di nne di tuke kamehla pela Jehova ho qala mantsiboya ho isa hosasa. Ke molao o sa feleng le ho ditloholo tsa lona. 4 O tla lokisa dilampi kandelareng ya kgauta e tshekilweng, hore di nne di tuke kamehla pela Jehova. 5 O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa. 6 O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng. 7 Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo. 8 Ka Disabatha tsohle o tla hlahlamanya mahobe ao pela Jehova kamehla, bakeng sa bana ba Iseraele, e be pontsho ya selekane se sa feleng. 9 E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng. Molao wa ho se nyefole. 10 Mora wa mosadi wa Moiseraele, eo e neng e le mora wa Moegepeta, o ne a tlile hara bana ba Iseraele, mme a lwana le monna wa Moiseraele diahelong. 11 Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane. 12 Ba mo lebela, ho fihlela ha Moshe a tla ba bolella ka taelo ya Jehova se ka etswang ka yena. 13 Yaba Jehova o bua le Moshe, a re: 14 Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle. 15 O tla bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: E mong le e mong ya rohakang Modimo wa hae, o tla jara molato wa sebe sa hae; 16 ya tlang ho nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa; o tla tlepetswa ke phutheho kaofela. Moditjhaba, leha e le ya tswaletsweng hae, ha a ka nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa. 17 Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa. 18 Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo. 19 Ekare ha e mong a hlahisetsa wa habo kotsi, o tla etswa seo a se entseng ngwanabo: 20 thobeho e lefjwe ka thobeho, leihlo ka leihlo, leino ka leino; kotsi eo a sentseng motho ka yona, le yena o tla etsetswa yona. 21 Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa. 22 Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona. 23 Moshe a bua le bana ba Iseraele; yaba ba ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa. Bana ba Iseraele ba ya ka taelo eo Moshe a e neilweng ke Jehova. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa