Levitike 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)Melao e disang baprista. 1 Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo, 2 haese ka ba tswalaneng le yena, ba madi a le mang le yena, jwaloka mmae, kapa ntatae, kapa mora wa hae, kapa moradi wa hae, kapa ngwanabo, 3 leha e le kgaitsedi ya hae, eo e sa leng morwetsana eo a nang le yena, ya esong ho be le monna. 4 Ha ho a tshwanela hore eo e leng hlooho hara setjhaba sa habo, a ipee sesila ka ho itlhompholla. 5 Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare. 6 Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona. 7 Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona. 8 O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang. 9 Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong. 10 Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae. 11 A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila. 12 A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova. 13 O tla inkela mosadi ya esong ho tsebe monna. 14 A se ke a nyala mohlolohadi, leha e le mosadi ya hladilweng, kapa ya tlotlolotsweng, kapa seotswa; empa o tla ikgethela morwetsana ya esong ho tsebe monna hara setjhaba sa habo. 15 A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang. 16 Jehova a boela a bolella Moshe, a re: 17 Bolella Aarone, o re: Leha e ka ba mang le mang hara ditloholo tsa hao, melokong ya hao, ya nang le sekodi mmeleng, a se ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae. 18 Motho ofe le ofe ya nang le sekodi mmeleng wa hae, a se ke a atamela, kapa e leng sefofu, kapa sehlotsa, kapa ya nko e pharameng, kapa ya nang le setho se bolelele bo tlodisang tekanyo, 19 kapa ya nang le leoto leha e le letsoho le robehileng, 20 kapa ya lekgutla, kapa e mokgutshwanyane, kapa ya nang le pabela leihlong, kapa ya lekgwekgwe, kapa setshwa, kapa eo marete a hae a pshatlehileng. 21 Hara ditloholo tsa Aarone moprista, ha ho ya nang le sekodi mmeleng, ya tlang ho dumellwa ho hlahisetsa Jehova mahlebelo a tjheswang ka mollo; o na le sekodi; a ke ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae. 22 A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang. 23 Feela, a se ke a atamela pela lesira, leha e le pela aletare, hobane o na le sekodi; a se ke a tlotlolla meaho ya ka e halalelang, hobane ke nna Jehova ya e halaletsang. 24 Ditaba tseo, Moshe a di bolela jwalo ho Aarone, le ho bara ba hae, le ho bana ba Iseraele kaofela. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa