Levitike 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)Nqalo ya mahlabelo. 1 Jehova a boela a re ho Moshe: 2 Bolella Aarone le bara ba hae, le bana ba Iseraele kaofela, o re ho bona: Se laetsweng ke Jehova ke sena: 3 Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele a hlaba kgomo, leha e le nku, kapa podi, diahelong, kapa kantle ho diahelo, 4 a sa e tlise monyako wa tente ya pokano hore e be nyehelo ho Jehova pela tabernakele ya Jehova, madi a yona e tla ba molato ho yena, mme motho eo, ya tsholotseng madi, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo; 5 hore bana ba Iseraele, bakeng sa ho hlabela dintho tsa bona naheng, ba di tlise ho moprista pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme ba di hlahisetse Jehova, e be mahlabelo a teboho. 6 Moprista o tla tshollela madi a yona aletareng ya Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme o tla tjhesa mafura, e be monko o monate ho Jehova. 7 Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona. 8 O fele o re ho bona: Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng ho bona, a hlahisa setjheso, leha e le sehlabelo, 9 a sa ka a se tlisa monyako wa tente ya pokano ho se hlahisetsa Jehova, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo. Molao wa ho se je madi. 10 Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo. 11 Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko. 12 Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho hara lona ya jang madi; le yena moditjhaba ya ikahetseng hara lona, a se ke a ja madi. 13 Ekare ha motho hara bana ba Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara bona, a tshwara phoofolo tsholong, leha e le nonyana ya tse jewang, o tla tsholla madi a yona, a a kwahele ka mobu. 14 Hobane madi ke moya wa nama tsohle, madi a tsona ke wona moya wa tsona. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Le ke ke la ja madi a nama efe le efe, hobane moya wa dinama tsohle ke madi a tsona; mang le mang ya tlang ho a ja, a tloswe. 15 Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng. 16 Ekare ha a sa hlatswe diaparo tsa hae, a sa hlatswe le mmele wa hae, o tla jara boima ba molato wa hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa