Levitike 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)Molao bakeng sa motswetse. 1 Jehova a bua le Moshe, a re: 2 Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding. 3 Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ngwana o tla bolotswa, ho pongwe nama ya ntlha ya pejana ya hae. 4 Mosadi eo o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a mararo a metso e meraro ho itlhatswa madi a hae; a se ke a ama letho le kgethehileng; hape, a se ke a kena sehalalelong, matsatsi a ho itlhatswa ha hae a eso ho phethehe. 5 Ekare ha a beleha ngwanana, o tla ba sesila ka veke tse pedi, jwaloka mohla a ileng kgweding, mme o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, a ntse a itlhatswa madi a hae. 6 Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano, 7 ho moprista ya tlang ho di hlahisetsa Jehova, mme o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlatswehe tsholohong ya madi a hae. Ke wona molao wa mosadi ya belehileng ngwana e motona, kapa e motshehadi. 8 Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa