Levitike 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ditjheso. 1 Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re: 2 Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane. 3 Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova. 4 O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona. 5 A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano. 6 O tla buha poha ya setjheso, a e tshele ditho. 7 Bara ba moprista Aarone ba tla bea mollo hodima aletare, ba lokise patsi hodima mollo. 8 Bara ba Aarone, baprista, ba tla lokisa ditho tseo, hlooho le mafura, hodima patsi e beilweng hodima mollo o aletareng. 9 Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova. 10 Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi. 11 O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle. 12 Jwale o tla tshela ditho tsa yona, hammoho le hlooho le mafura a yona, mme moprista o tla di lokisa hodima patsi e beilweng aletareng, hodima mollo. 13 O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova. 14 Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba. 15 Moprista o tla e hlahisa aletareng, mme o tla e tweba hlooho ka lenala, a ntoo e tjhesa aletareng, madi a yona a rothisetswe lehlakoreng la aletare. 16 O tla nka kiila le ho kahare ho yona, a di lahlele thotobolong ya molora, pela aletare, nqa botjhabela. 17 O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa