Jonase 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba Jonase o rapela Jehova, Modimo wa hae, a le ka mpeng ya hlapi, 2 a re: Ha ke ne ke le mahlomoleng, ka bitsa ho Jehova, mme a nkutlwa; ke le mpeng ya nqalo ya bafu, ka howeletsa, mme wa utlwa lentswe la ka. 3 Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse. 4 Ka ba ka re: Ke lahlilwe hole le wena; leha ho le jwalo, ke tla boela ke bone tempele ya hao e kgethehileng. 5 Metsi a ne a mpotile ho fihla le moyeng wa ka; bodiba bo ne ba mpotile kahohle, ditlama tsa lewatle di ithatetse hloohong ya ka. 6 Ke ne ke theohetse tlase metheong ya dithaba, lefatshe le ne le nkwaletse ka mekwallo ya lona ho isa ho sa feleng. Ebile o nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova, Modimo wa ka. 7 Ya na ya re ha moya wa ka o fela ka ho nna, ka hopola Jehova, mme thapelo ya ka ya fihla ho wena, tempeleng ya hao e kgethehileng. 8 Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang; 9 empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova! 10 Yaba Jehova o laela hlapi, ya hlatsetsa Jonase lebopong. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa