Johanne 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jesu o hlaha ho barutuwa ba hae lewatleng la Tiberiase. 1 Kamora tseo, Jesu a boela a ipontsha ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; a ipontsha ka mokgwa ona: 2 Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho. 3 Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo. 4 Eitse kameso, Jesu a tshoha a ema lebopong; empa barutuwa ba ne ba sa tsebe hobane ke Jesu. 5 Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe. 6 Yaba o re ho bona: Akgelang letlowa pela lehlakore le letona la sekepana, mme le tla di bona. Yaba ba le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba dihlapi. 7 Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng. 8 Barutuwa ba bang ba tla le sekepana, ba ntse ba hula letlowa le dihlapi; hobane ba ne ba se hole le lefatshe, ditswe di ne di ka ba makgolo a mabedi. 9 Eitse hobane ba fihle lebopong, ba bona mashala a hlenneng, dihlapi di beilwe hodima wona, le bohobe. 10 Jesu a re ho bona: Tlisang dihlapi tse ding tsa tseo le sa tswa di tshwasa. 11 Simone Petrose a kena sekepaneng, a hulela letlowa fatshe, le tletse dihlapi tse kgolo tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro; mme leha di ne di le kalo, letlowa ha le a ka la hahoha. 12 Jesu a re ho bona: Tloong, le je. Mme ho ne ho se e mong ho barutuwa ba hae ya betang pelo ho mmotsa hore: O mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena. 13 Yaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le dihlapi jwalo. 14 Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontshitseng ho barutuwa ba hae, hobane a tsohe bafung. 15 Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka. 16 A re ho yena la bobedi: Simone, mora Jona, a o a nthata na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Disa dinku tsa ka. 17 A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka. 18 Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng. 19 O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele! 20 Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa ya ratwang ke Jesu a latetse; ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae mohla selallo, a re: Morena, ke mang ya tla o eka? 21 Yare Petrose ha a mmona, a re ho Jesu: Morena, ho tla ba jwang ho eo? 22 Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele. 23 Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? 24 Morutuwa eo ke yena ya pakang taba tseo, ya di ngodileng; mme re tseba hobane bopaki ba hae ke ba nnete. 25 Taba tse ding di sa le teng tse ngata, tseo Jesu a di entseng. Hojane di ka ngolwa ka bonngwe, ke lekanya hore le lona lefatshe le be le ke ke la lekana dibuka tse ka ngolwang. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa