Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Phetolo ya pele ya Bildade.

1 Yaba Bildade wa Shua o bua, a re:

2 Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?

3 Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na?

4 Erekaha bana ba hao ba mo sitetswe, o ba neetse bokgopo ba bona.

5 Empa ha o ka batla Modimo, wa ithapella mohau ho Ya matla wohle,

6 ha o hlwekile, o lokile, kannete o tla o ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ya hao e lokileng.

7 Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.

8 Hlo o botsisise meloko ya pele, o lemohe tseo bontata yona ba di fihletseng;

9 hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.

10 Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:

11 Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na?

12 Le sa le lekgaba, leha le sa helwe, le ye le pone, dimela tse ding di sa le tala.

13 Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;

14 tshepo ya hae ke e thetsehang; o itshepisitse ka bolepo ba seokgo;

15 o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole.

16 O ka sefate se tletseng metsi, leha letsatsi le tjhesa, seo makala a sona a namang ho tlola motero wa tshimo;

17 metso ya sona e rarana qubung tsa majwe, e kena le mobung o majwe;

18 empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!

19 Ke hona ho fela ha katleho ya sona, mme mobung wona oo ho tla mela tse ding.

20 Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.

21 O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo.

22 Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan