Jobo 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Howa jwale! Na e mong o teng ya tla o arabela na? Ke ofe wa bahalaledi eo o tla retelehela ho yena? 2 Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona. 3 Nna ke bone lewatla ha le medile metso, empa hang ka tshwanela ho neela ntlo ya lona thohako; 4 bana ba lona ha ba sa na boiketlo, ba hatakelwa dikgorong, ho se ya ba namolelang. 5 Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona. 6 Efela kotsi ha e tswe fatshe, mme mahlomola ha a hlomele mobung; 7 motho o tswaletswe maswabi, jwaloka hlase ho qhoma. 8 Hola e le nna, nka be ke ikatametsa ho Modimo, ka beela Modimo taba ya ka; 9 e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng. 10 O tshollela pula lefatsheng, o mathisa metsi masimong; 11 o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong. 12 O etsa merero ya batho ba mano lefeela, hore matsoho a bona a se ke a e phetha. 13 O tshwasa diqweleqwele manong a tsona, mme morero wa ba lonya o a o heletsa. 14 Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu. 15 Ya madimabe o mo lokolla jwalo lerumong la melomo ya bona le letsohong la ya matla; 16 tshepo e teng ho ya fokotseng, mme ba sa lokang ba thijwa molomo. 17 Bona, ho lehlohonolo motho eo Modimo o mo layang! Ha ho le jwalo, o se ke wa nyatsa kotlo ya Ya matla wohle; 18 hobane o a hlaba, mme a tlamelle leqeba; o a roba, mme matsoho a hae a fodise. 19 O tla o lokolla ditsietsing tse tsheletseng, mme ho tse supileng ha ho bobe bo ka o amang. 20 Tlaleng o ya o boloka, o se ke wa shwa, ntweng a o pholose bohaleng ba lerumo. 21 O tla sireletswa ha ho shapa leleme, ha o ka ke wa tshaba tshenyo ha e ka fihla. 22 O tla tsheha tshenyo le tlala, ha o ka ke wa tshaba dibatana tsa naha; 23 hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena. 24 Kahona o tla bona hoba tente ya hao e dutse ka kgotso, mme leha o ka lekola moaho wa hao, o ke ke wa hloka letho. 25 Hape, o tla bona lesika la hao ha le ngatafala, le ditloholo tsa hao ha di ata jwaloka jwang ba naha. 26 O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng. 27 Bona, ke tseo re di botsisitseng; di dutse jwalo; o di mamele, o di ele sedi. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa