Jobo 40 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Jehova a boela a bua le Jobo, a re: 2 Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale! 3 Yaba Jobo o arabela Jehova, a re: 4 Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong. 5 Ke buile hang, nke ke ka hlola ke araba letho; ke phetile la bobedi, ha ke sa tla hlola ke eketsa letho. 6 Yaba Jehova o fetola Jobo, a le sefefong, a re: 7 Ako itlame letheka, jwaloka monna; ke tla o botsa, o ke o nthute. 8 Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na? 9 A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na? 10 O ikapesa jwaloka boholo le ka bokgabane, o ikgabise ka kganya le ka botle! 11 O tshele dikgapatso tsa kgalefo ya hao, o tadime baikgohomosi bohle ho ba kokobetsa hang! 12 Tadima baikgantshi, o ba dihe; o hatakele ba bolotsana moo ba emeng teng. 13 O ba pate kaofela leroleng, o epele difahleho tsa bona lebitleng. 14 Ke moo le nna ke tla o rorisa, ke re, letsoho le letona la hao le o bolokile. 15 Tadima jwale Behemothe (kubu), eo ke e entseng jwalokaha ke o entse. E fula jwang jwaloka kgomo. 16 Bona, jwale, matla a matheka a yona, le bothata ba mesifa ya mpa ya yona. 17 E sisinya mohatla, e o tiisa jwaloka kedare; mesifa ya dirope tsa yona e lohilwe hammoho; 18 masapo a yona a ka dipompo tsa koporo, mme dikgopo tsa yona di jwaloka ditshiya tsa tshepe. 19 Ke mosebetsi o fetisisang wa Modimo; ya e bopileng o e neile lerumo. 20 E ikgella dijo tsa yona dithabeng, moo diphoofolo tsa naha di ipapallang teng. 21 E ithoballa meriting ya difate tsa lotuse, mosemeng le mahlakeng. 22 Difate tsa lotuse di e etsetsa moriti, meduwane ya noka e e kopela hare. 23 Bona, dinoka leha di ka tlala, ha e tshohe letho; e ke ke ya makala, leha Jordane e ka kgokoloha hodima hlooho ya yona. 24 Na o tla leka ho e tshwara, e fadimehile, kapa o e phunye nko, o tle o e holehe na? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa