Jobo 35 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Elihu a boela a isetsa polelo pele, a re: 2 Na o hloma hore ke taba e lokileng ha o ipea ya lokileng ho fetisa Modimo na, 3 ha o re: Molemo ho nna e tla ba eng? Seo ke tla se rua ka ho se sebe keng? 4 Ke tla etsetsa wena le metswalle ya hao karabo. 5 Tadima nqa mahodimong, mme o bone; o tadime maru; a phahamile ho fetisa wena. 6 Ha o seba, o ka o etsang kahoo? Leha o ka atisa dibe tsa hao, o o senyeditse kae? 7 Ha o lokile, o o thusitse kang? O ruile eng ka mosebetsi wa hao? 8 Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela. 9 Batho ba lla ka dihloriso tsa batubi; ba bokolla tlasa bothata ba marena. 10 Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae, 11 o re neang dipina tsa thabo hara bosiu, o re fileng bohlale bo fetang ba diphoofolo, le hlalefo e fetang ya dinonyana tsa lehodimo? 12 Ba fela ba lla, empa Modimo ha o arabe ka baka la boikgohomoso jwa ba babe. 13 Tjhe! Modimo o ke ke wa utlwa dithapelo tsa lefeela, Ya matla wohle a ke ke a di ela hloko. 14 Leha o boletse hore ha o o bone, leha ho le jwalo, nyewe ya hao o pela wona, o o lebelle. 15 Empa kahobane bohale ba wona ha bo eso ho otle, Jobo o hopola hoba ha o re letho ka bobe, 16 mme o ntse a ahlamisa molomo wa hae a se na taba; o ntse a bua ditaba tse sa utlwahaleng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa