Jobo 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Empa wena, Jobo, mamela dipolelo tsa ka, o sekehele mantswe a ka kaofela tsebe! 2 Bona, ke se ke ahlamisitse molomo wa ka, leleme la ka le se le bua mahalapeng a ka. 3 Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng. 4 Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa. 5 Ha o ena le matla, o nkarabe, o emele nyewe ya hao, o itokise. 6 Bona, ke ntse ke tshwana le wena pela Modimo; le nna ke bopilwe ka letsopa. 7 Ha ho le jwalo, o se ke wa tshoswa ke letsoso la ka, matla a ka a se ke a o imela! 8 Tjhe, o se o boletse ditsebeng tsa ka, ke utlwile modumo wa mantswe a hao, wa re: 9 Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna; 10 bonang, Modimo o batla sebaka sa ho nqala, o ntadimile jwaloka hoja ke le sera ho wona; 11 o tshwasitse maoto a ka, o hlwela mehato ya ka kaofela. 12 Bona, karabo ya ka ke yona ena: O fositse tabeng tseo; hobane Modimo o moholo ho ena le motho. 13 O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona? 14 Leha ho le jwalo, Modimo o bua ka mokgwa o mong, o ntoo bua ka o mong hape, empa ha ho lemohe motho. 15 O bua ka ditoro, ka dipono tsa bosiu, ha batho ba tshwerwe ke boroko, mme ba robetse diphateng tsa bona. 16 Ke moo o itshenolang ho batho, o tiisang thuto eo o ba rutang yona; 17 hore o tle o ntshe motho ketsong tse mpe tsa hae, o mo sesefise boikgantsho; 18 hore o pholose moya wa hae lebitleng, o mo phemise lerumo le bohale. 19 Bohloko le bona bo tla ho mo laya diphateng tsa hae, ha a utlwa masapo a hae a opa ho sa kgutse; 20 ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang; 21 ha dinama tsa hae di fela, ho senyeha botle ba hae, mme ho bonwa masapo feela a hlobodisitsweng; 22 ha moya wa hae o se o atametse lebitla, mme bophelo ba hae bo se bo tla kgaolwa. 23 Jwale ha ho ka tla ho yena lengeloi le mo hlalosetsang ditaba, le tswang makgotleng a lehodimo, la mo kenya tseleng e lokileng, 24 eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang. 25 Ke ha nama ya hae e se e ntjhafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o kgutlela matsatsing a botjha ba hae. 26 Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae. 27 O bina pela batho, o re: Ke na be ke sitilwe, ka kgopamisa ho loka; empa ha ke a ka ka otlelwa ho tlola ha ka; 28 o lopolotse moya wa ka hore ke se theohele lebitleng; bophelo ba ka bo ntse bo thabetse lesedi. 29 Bona, Modimo o etsa tseo tsohle habedi, hararo, ho motho, 30 ho kgutlisa moya wa motho lebitleng, hore a tle a bonesetswe ke lesedi la bophelo. 31 Mamela, Jobo, o be o nkutlwe! o thole, mme ke tla bolela! 32 Ha o ena le pelaelo, o nkarabe; bua, hobane ke rata ho o lokafatsa! 33 Ha ho se jwalo, o mmamele: Thola, mme ke tla o ruta bohlale. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa