Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 26 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Jobo o boela a ikarabela.

1 Jobo a fetola, a re:

2 O thusitse hakaakang ya se nang matla! O tiisitse hakaakang letsoho le tepeletseng!

3 O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang!

4 Taba tseo o di bolella mang? Ke moya wa mang o tswang molomong wa hao?

5 Diriti di thothomela katlasa metsi le ba ahileng ho wona.

6 Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.

7 O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.

8 O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.

9 O kwahela metheo ya terone ya wona, o e apesa ka maru a wona.

10 O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.

11 Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.

12 Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.

13 Pudulo ya wona e edisa mahodimo; letsoho la wona le hlaba drakone e lebelo. Bonang, tseo ke bokantle ba ditsela tsa wona;

14 ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan