Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 25 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Phetola ya boraro ya Bildade.

1 Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:

2 O na le mmuso le boholo bo tshabehang, o tiisa kgotso nqalong tse phahamileng tsa wona.

3 Na makgotla a wona a ka balwa na? Mme ke mang ya sa tjhabelweng ke lesedi la wona?

4 Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?

5 Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,

6 ho ka ba jwang ka motho eo e leng kokwanyana feela, le ka ngwana wa motho eo e leng seboko!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan