Jobo 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Mehla e beilweng na ha e a bolokwa ke Ya matla wohle na? Ba mo hlonephang ha ba bone matsatsi a hae keng? 2 Ho suthiswa majwe a mekolokotwane; ho hapuwa mehlape, e aloswa ke ba e hapileng. 3 Esele ya kgutsana e a tlatlapuwa, kgomo ya mosadi wa mohlolohadi e bewa tebeletso; 4 mohloki o suthiswa mmileng, mme e ka kgona mafutsana a naha a ipate kaofela. 5 Bonang, jwaloka dipitsi feelleng, ba tswela dijong e sa le ka meso; ke nahathothe feela ba ka fumanelang bana ba bona bohobe. 6 Ba batla ho ja ha bona masimong; ba thonaka merareng ya bakgopo. 7 Ba hlola bosiu ba hlobotse, ba se na dikobo; ha ba na moo ba ipolokang serameng. 8 Ba thopohelwa ke dipula tsa dithaba, ba robala mahaheng, ba hloka matlo. 9 Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona, 10 ebe ba ikela ba hlobotse, ba se na dikobo; ba thothiswa mangata ba ntse ba lapile. 11 Ba hata ole mabaleng a bakgopo, ba sebetsa sehatelong sa veine, ba ntse ba eshwa ke lenyora. 12 Dipobodi tsa ba tshwang di utlwahala metseng, meya ya ba hlabilweng e ntsha mehoweletso; leha ho le jwalo, Modimo ha o ele manyala ao hloko. 13 Ba bang ba ikgantshetsa lesedi, ha ba tsebe ditsela tsa lona, ha ba ye ka mebila ya lona. 14 Mmolai o tsoha e sa le ka meso, o bolaya mofutsana le mohloki; bosiu o a utswa. 15 Mahlo a mofebi a lebeletse shwalane; o re: Ha ho leihlo le ka mponang; hape o ikwahela sefahleho ka lesira. 16 Bosiu, ba phunya matlo, motshehare ba ikwalla; ha ba tsebane le letsatsi. 17 Hobane ho bona bosiu bo boholo bo ka nako ya meso, etswe ba tlwaetse botshabeho ba bosiu bo botsho. 18 Le re: Ba babe ba feta kapele jwaloka ntho e thellang hodima metsi. Lefa la bona le rohakilwe lefatsheng; ha ba sa leba nqa dirapeng tsa merara. 19 Jwalokaha metsi a lehlwa a monngwe ke komello le letsatsi, nqalo ya bafu e monya jwalo ba sebang. 20 Ba lebalwa ke mpa e ba belehileng; ba etswa matlatlo a diboko; ha ba sa hopolwa. Molotsana o tloswa jwaloka sefate se omeletseng; 21 e leng ya neng a tlatlapa tsa nyopa ya sa tswaleng, ya sa kang a etsa mosadi wa mohlolohadi hantle le hang feela. 22 Tjhe! Modimo o boloka ba matla ka matla a wona; ya jwalo a ka tsoha, leha a ne a sa tshepe hoba a ka phela. 23 O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae; 24 ba ye ba hodiswe, mme ka motsotso o se mokae ha ba sa le yo, ba se ba rapaletse; ba nkwa jwaloka batho bohle, ba kotulwa jwaloka diqwapi tsa mabele. 25 Ha ekaba ha ho jwalo, ke mang ya ka mpontshang ha ke le leshano, mme polelo ya ka e tla etswa lefeela ke mang? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa