Jobo 23 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jobo o boela a ikarabela. 1 Jobo a fetola, a re: 2 Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka. 3 Jo! hola nka tseba moo nka o fumanang teng, hore ke tle ke fihle pela terone ya wona! 4 Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba! 5 Ke be ke tla tseba ditaba tseo o ka nkarabang ka tsona, ke utlwe le seo o ka mpolellang sona. 6 Na o tla ntwantsha ka matla wohle a wona? Tjhe, le hanyenyane! o tla nkela hloko feela. 7 Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka! 8 Empa, bonang, ha nka ya nqa botjhabela, o siyo teng; leha ke tswela bophirimela, ha ke o fumane; 9 leha o ka sebetsa leboya, ha ke o fihlele; leha o ka ipata borwa, ha ke o bone. 10 Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta. 11 Leoto la ka le tiile mehlaleng ya wona; ke bolokile tsela ya wona; ha ke a ka ka kgeloha ho yona. 12 Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka. 13 Leha ho le jwalo, o na le kgopolo e le nngwe feela; ke mang ya ka o reteletsang? Seo moya wa wona o se ratang, o a se etsa. 14 O tla phetha taba eo o ntaoletseng yona; ditaba tse jwalo di sa le ngata ka ho wona. 15 Ke ka baka leo ke thothomelang pela wona; ha ke hopola, ke o tshohe hampe. 16 Hobane Modimo o fokodisitse pelo ya ka, Ya matla wohle o ntshositse. 17 Hobane ha o a ka wa ntlosa lefifi le eso ho tle, mme ha o a ka wa pata botsho mahlong a ka. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa