Jobo 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)Phetolo ya bobedi ya Tsofare. 1 Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re: 2 Mehopolo ya ka, bakeng sena, e tla mponela phetolo, le hona ke sitwa ho itshwara maikutlong a ka. 3 Ke utlwile dikgalemelo tse ntlhabisang dihlong, empa kelello ya ka e nnea karabo. 4 Na ha o tsebe hoba, esale kgalekgale, haesale motho a bewa lefatsheng, 5 thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela? 6 Le hoja a ka hola ho isa lehodimong, hlooho ya hae ya fihla marung, 7 leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae? 8 O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu. 9 Le mahlo a kileng a mmona, ha a sa tla hlola a mmona; ditulo tsa hae ha di sa tla boela di mmone. 10 Bara ba hae ba tla kgathatswa ke mafutsana, matsoho a hae a tla tshwanela ho busetsa leruo la hae. 11 Masapo a hae a tletse matla a botjha, athe jwale a tla robala le yena leroleng. 12 Leha bolotsana bo ne bo le monate molomong wa hae, mme a bo patile katlasa leleme la hae, 13 a bo bolokile, a hanne ka bona, a bo bolokile mahalapeng a hae, 14 dijo tseo di tla fetoha maleng a hae, e be mahloko a marabe kahare ho yena. 15 O metsitse menono, mme jwale o tshwanetse ho e hlatsa; Modimo o ya e ntsha mpeng ya hae. 16 O antse mahloko a marabe, mme leleme la qowane le tla mmolaya. 17 Mahlo a hae ha a sa tla thabela melatswana, leha e le melapo, leha e le dinokana tsa dinotshi le lebese. 18 O tla busetsa ditlatlapilweng tsa hae, a ke ke a di rua. O tla busetsa tse lekanang le tseo a di tlatlapileng, mme ha a sa tla di thabela. 19 Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa. 20 Erekaha a sa tsebe ho kgolwa kateng ho yena, o tla sitwa ho pholosa seo a se ratang. 21 Ha ho letho le phonyohang meharong ya hae; ka baka leo, boiketlo ba hae bo ke ke ba tiya. 22 O tla hloka, leha maruo a hae a mo atetse haholo; matsoho a ba tujwang a tla mo wela hodimo. 23 Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae. 24 Leha a ka balehela sebetsa sa tshepe, seqha sa koporo se tla mo hlaba. 25 O ya ntsha motsu mmeleng wa hae, tshepe e hadimang e tswe nyokong ya hae; o fedile o tshwerwe ke botshabeho ba lefu. 26 Lefifi le tshabehang e tla be letlotlo la hae; mollo o sa butswelwang ke motho o tla mo tjhesa, o fedise se setseng ka tenteng ya hae. 27 Lehodimo le tla senola bokgopo ba hae, mme lefatshe le tla tsoha ho mo qosa. 28 Maruo a ntlo ya hae a tla timela, a tla feta ka letsatsi la kgalefo ya Modimo. 29 Ke yona kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo, le lefa le beetsweng yena ke Modimo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa