Jobo 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jobo o boela a ikarabela. 1 Jobo a fetola, a re: 2 Le tla nne le hlokofatse moya wa ka, le ho nthuhakanya ka dipolelo tsa lona ho isa kae? 3 Le se le nkentse motho e mobe ha leshome; ha le na dihlong tsa ho nnyefola! 4 Ha ekaba ke nnete ha ke kgelohile, molato oo ke taba ya ka. 5 Ha le fela le ikgodisa ka nna, mme le dihela ho nna molato wa dihlong tseo ke dutseng ho tsona, 6 le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona. 7 Bonang, le dumaduma hodima bothata boo ke bo etswang, empa ha ke bone karabo; ke howa ka matla, empa ha ho ya nkahlolelang. 8 O thibile mmila wa ka hore ke se ke ka feta, mme tseleng ya ka o beile lefifi. 9 O ntlhobodisitse kganya ya ka, o rotse moqhaka hloohong ya ka. 10 O ntshentse ka nqa tsohle, mme ke fedile; o epolotse tshepo ya ka jwaloka sefate. 11 Kgalefo ya wona e tukile hodima ka, o ntadimile jwaloka sera sa wona. 12 Makgotla a wona a futuhetse nna, a iphunyeditse tsela ho tla ntshwara, a hlomile a teetse tente ya ka hare. 13 O suthiseditse banabeso hole le nna, bao ke tsebanang le bona ba ikentse basele ho nna. 14 Baheso ba itulela thoko, bao e neng e le metswalle ya ka ba ntebetse. 15 Bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ba ntadima jwaloka hoja ke osele; ho bona ke ya sa tsejweng. 16 Ke bitsa mohlanka wa ka, ha a arabe, leha ke mo rapela ka molomo wa ka. 17 Phefumoloho ya ka e nkga ho mosadi wa ka, le monko wa ka o mobe ho bara ba mme. 18 Esita le bana ba nnyedisa le bona; ha ke re ke a tsoha, ba bua hodima ka. 19 Ke tshabeha ho bao ke kunutang le bona, bao ke neng ke ba rata ba fetohile dira ho nna. 20 Masapo a ka a kgomaretse letlalo la ka le dinama tsa ka, ke phonyohile ka thata ka letlalo la meno a ka. 21 Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng. 22 Na le ntlhorisetsang jwaloka Modimo? Ha le kgolwe keng ka nama ya ka? 23 Hola mantswe a ka a ka ngolwa jwale! Hola a ka ngolwa bukeng! 24 A ke a ngolwe ka tshepe e betlang le ka loto lefikeng ka ho sa feleng. 25 Empa ke a tseba hobane Molopolli wa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatsheng. 26 Mme leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Modimo ke se ke se nameng. 27 Ke tla o bona e le moemedi wa ka; ke tla o bona ka mahlo a ka, e seng ka a e mong. Pelo ya ka e hlolohetswe hoo fubeng sa ka. 28 Mohlang oo, le tla be le re: Na re ne re mo hlorisetsang? athe le tla bona nyewe ya ka ha e emelwa. 29 Itshabiseng lerumo ke hona, hobane bolotsana ke sebe se loketseng lerumo, mme le tsebe hoba kahlolo e teng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa