Jobo 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)Phetolo ya bobedi ya Bildade. 1 Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re: 2 Le tla qeta dipolelo tseo neneng? Mamelang, re ntoo bua. 3 Re etswa keng diphoofolo? Re mawatla keng mahlong a lona na? 4 Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na? 5 Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa. 6 Lesedi le tla fetoha lefifi tenteng ya hae, lebone la hae le hodima hae le tla tingwa. 7 Mehato ya hae e tiileng e tla honyetseha, o tla dihelwa ke mano a lohilweng ke yena; 8 hobane o hata letlowa ka maoto a hae, o tsamaya hodima mamena; 9 sefi se mo tshwasitse serethe; letlowa le mo tlamile; 10 sefi se patilwe mobung pela hae, leraba le mo lebeletse tseleng. 11 Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse. 12 Tlala e mo fedisa matla, tshenyeho e mo tshwere lehlakoreng. 13 E ja letlalo la mmele wa hae; letsibolo la lefu le ja ditho tsa hae. 14 O tshwarwa setshabelong sa tente ya hae, o hulelwa ho morena wa matshabeho. 15 Ha ho le a mong wa bahabo ya dulang tenteng ya hae; sebabole se tsholla jwaloka pula hodima moaho wa hae. 16 Tlase, metso ya hae e a oma; hodimo, makala a hae a rengwa. 17 Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong. 18 O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng. 19 Ha a siye mora leha e le setloholo hara setjhaba sa hae, meahong ya hae ho hlokahala mosiuwa ya tswang ho yena. 20 Meloko e tlang e tla tsota tshenyeho ya hae, mme meloko wa jwale o tla tshwarwa ke ho thothomela. 21 Meaho ya molotsana e jwalo feela, ho jwalo le bodulo ba ya sa tsebeng Modimo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa