Jobo 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Phefumoloho ya ka e a timela, matsatsi a ka a tima, lebitla le nkemetse. 2 Efela basomi ba nteetse hare, mme mahlo a ka a bona dihlohloletso tsa bona. 3 Ako mpeele selebeletso bakeng sa ka; hobane ke mang ya ka nkemelang a ntshwere ka letsoho? 4 Hobane dipelo tsa bona o di kwaletse kutlwisiso; ka baka leo, o ke se ke wa ba phahamisa. 5 Ya ekang motswalle wa hae, mahlo a bana ba hae o tla a bona a timilwe. 6 O mpeile sesomo hara batho; ke fetohile ntho e nyatsehang pela bona. 7 Dillo di thibile mahlo a ka, ditho tsohle tsa ka ke seriti feela. 8 Ba lokileng ba maketse ke hoo, ba se nang molato ba halefela ba bolotsana. 9 Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla. 10 Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona. 11 Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka eo ke e hopotseng pelong ya ka, merero ya ka e wele fatshe. 12 Bosiu ba re ke motshehare; lesedi ba re ke motshehare; lesedi ba re le haufi, ha le phirimile. 13 Jwale, ke tadimile nqalo ya bafu hoba e tla ba ntlo ya ka; ke adile diphate tsa ka nqalong e lefifi. 14 Ke re ho lebitla: O ntate! le ho diboko: Le mme le ngwaneso! 15 Mme jwale, tshepo ya ka e kae? E tla bonwa ke mang e hlahile? 16 E tla theohela dikgorong tsa nqalo ya bafu, moo re ya robala hammoho leroleng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa