Jobo 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)Phetolo ya bobedi ya Elifase. 1 Elifase wa Themane a fetola, a re: 2 Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na? 3 Na diphetholo tsa hae e ka ba mantswe a sa reng letho, le dipolelo tsa hae na di ka hloka thuso na? 4 Ho tshaba Modimo ho wena ke lefeela; mme o fedisa thapelo e etswang ho wona. 5 Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele; 6 molomo wa hao ke wona o o tswang, e seng nna; melomo ya hao ke dipaki tse o qosang. 7 Na ke wena motho ya tswetsweng pele? Na o hlahile dithaba di eso ho be teng na? 8 Na o rutehile makunutu a Modimo, mme o ikgapetse bohlale o le mong na? 9 O tseba taba efe eo re sa e tsebeng? O utlwisisa taba efe eo re sa e utlweng? 10 Ba bang ba teng hara rona, batho ba baholo, ba moriri o moputswa, ba fetang ntatao ka dilemo. 11 Na o nyedisa matshediso a Modimo, le puo tse bonolo tse buwang ho wena na? 12 Pelo ya hao e o isa kae na? O tona mahlo a hao keng, 13 ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo? 14 Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke? 15 Bona, ha esitile bahalaledi ba wona o sa ba tshepe, le lehodimo le sa hlweka mahlong a wona; 16 haholoholo o ka sitwa ho tshepa motho ya manyala, ya senyehileng, ya nwang bokgopo jwaloka metsi. 17 Ke tla o ruta, o mmamele; ke tla o bolella seo ke se boneng; 18 e leng se bolelwang ke ba bohlale, seo ba sa kang ba se pata, kamoo ba se nkileng kateng, ho bontata bona; 19 e leng bao naha e neng e le ya bona, ho seng moditjhaba ya kileng a kena hara bona. 20 Motho ya bolotsana o tshwenyeha ka matsatsi wohle a ho phela ha hae; motubi o phela ka tsietsi ka dilemo tsohle tsa hae; 21 mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo! 22 O tshaba ho tswa lefifing; lerumo le mo laletse. 23 O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse. 24 O tshoswa ke tsietsi le ke mahlomola, di mo tshwere jwaloka morena ya itokiseditseng ho futuha. 25 Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle; 26 o o nehella ka molala o sataletseng, tlasa mokokotlo wa thebe ya hae; 27 o ikwahetse sefahleho ka ho nona ha hae, o bokeletse mafura lethekeng la hae; 28 o ikgaheletse metseng e senyehileng, matlung a se nang baahi, a leng lekgatheng la ho fetoha dithako. 29 A ke ke a rua, maruo a hae a ke ke a sala, mafumo a hae a ke ke a aparela lefatshe. 30 Ha a tla ke a sesefa lefifi; mollo o tla tjhesa makala a hae, o tla tloswa ke pudulo ya molomo wa wona. 31 Leha a ka itshepisa ka bobe, o tla thetseha, etswe moputso wa hae e tla ba bobe. 32 Dilemo tsa hae di eso ho fele, bo tla etsahala; makala a hae ha a sa tla hlola a eba matala. 33 O jwaloka sefate sa morara se lahlang ditholwana tsa sona di sa le tala, le jwaloka mohlwaare o hlohlorang dipalesa tsa wona. 34 Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo. 35 O emola maswabi, o tswala bokgopo; sefubeng sa hae ho sebetswa boithetso. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa