Jobo 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jobo o ikarabela hape. 1 Jobo a boela a fetola, a re: 2 Kannete, lona le banna! mme bohlale bo ya shwa le lona? 3 Le nna hle ke na le pelo jwaloka lona, ha ke monyenyane ho lona! Ditaba tseo, ke mang ya sa di tsebeng na? 4 Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato. 5 Bomadimabe bo loketswe ke nyediso, ha ho hopola baiketli; o lebeletse eo leoto la hae le batlang ho thella. 6 Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona. 7 O mpe o botse dikgomo, di tle di o rute; le dinonyana tsa lehodimo, di tle di o bolelle! 8 Mohlomong o botse lefatshe, le tle le o rute, le dihlapi tsa lewatle, di tle di o qaqisetse. 9 Ka tsona tsohle, ke mang ya ka hanang ho bona hoba letsoho la Jehova le entse ntho tseo kaofela; 10 eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle? 11 Ha ke re, tsebe e ka nna ya kgetha dipolelo, jwaloka mahalapa ha a tseba ho kgetha dijo na? 12 Maqheku a na le bohlale, dilemo tse ngata di na le kutlwisiso. 13 Ho wona Modimo ho dutse bohlale le matla; o na le kelello le kutlwisiso. 14 Bona, ha o senya, ha ho ya ka tsosang; ha o ka kwalla motho, ha ho ya ka mo bulelang. 15 Bona, o thibela metsi, a pshe; o boele o a tlohele, mme lefatshe le senyehe. 16 Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona. 17 O isa baeletsi kgolehong ba hlobodisitswe, o tsietsa baahlodi; 18 o roba molamu wa marena, o tlama matheka a wona ka mehala. 19 O isa baprista kgolehong ba hlobodisitswe, o diha ba matla; 20 ba tsebang ho bua o ba hlokisa ditaba, o amoha baholo kahlolo; 21 o tshela dihlong hodima mahosana, o lokolla senyepa sa ba matla. 22 O senola makunutu a patilweng lefifing; o hlahisa moriti wa lefu leseding. 23 O atisa ditjhaba, o boele o di senye; o namisa ditjhaba, o boele o di kgutlisetse morao. 24 O tlosa kutlwisiso ho marena a ditjhaba; o ba dikadikisa dibakeng moo tsela e leng siyo; 25 ba phopholetsa lefifing ho se lesedi, mme o ba diadieisa jwaloka batho ba tahilweng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa