Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Phetolo ya pele ya Tsofare.

1 Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:

2 Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?

3 Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong?

4 O re: Seo ke se bolelang ke nnete, mme ke hlwekile pela hao!

5 Hola Modimo o mpa o ne o ka bua, wa ahlamisa molomo wa wona ho bua le wena,

6 ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.

7 Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?

8 Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?

9 Bolelele ba bona bo fetisa lefatshe, bo pharaletse ho feta lewatle.

10 Ha o ka phalla, wa tshwara, wa isa kahlolong, o tla thibelwa ke mang na?

11 Hobane o tseba bolotsana ba batho, o bona bobe leha o sa bo hlokomele.

12 Empa motho ya se nang kutlwisiso, o sitwa ho fihlela kelello, o hlahile jwaloka petsana ya pitsi.

13 Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,

14 ha o ka suthisa bobe pela hao, wa bo hlohlorela hole, o sa lese bokgopo bo ikgahela tenteng ya hao,

15 etlaba moo o tsebang ho emisa hlooho ya hao o se na sekodi; o tla tiya o sa tshabe letho.

16 O tla lebala bohloko ba hao, o bo elellwe jwaloka metsi a fetileng;

17 bophelo ba hao bo tla ela ka lesedi le fetang la motshehare; leha ho ka ba lefifi, mafube a tla boela a hlahe;

18 o tla tiya pelo, hobane tshepo e tla ba teng; moo o neng o hloreha, o tla robala ka boiketlo;

19 phomolong o ke ke wa kgathatswa, ba bangata ba tla phaphatha sefahleho sa hao.

20 Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan