Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 47 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Bafilesta ba porofetelwa kahlolo.

1 Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Bafilesta, ha Faro a ne a eso ho fedise Gasa.

2 Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,

3 ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;

4 ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.

5 Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?

6 Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!

7 O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan