Jeremia 43 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jeremia o iswa Egepeta a sa rate. 1 Eitse hobane Jeremia a qete ho bolella setjhaba kaofela mantswe wohle a Jehova, Modimo wa bona, ao Jehova, Modimo wa bona, a mo romileng ho bona ka wona, mantswe wona ana kaofela, 2 Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng. 3 O mpa o susumetswa ke Baruke, mora Neria, bakeng sa rona, hore re tle re neelwe matleng a Bakalde, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise kgolehong Babilona. 4 Ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova, e le yena Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, le setjhaba kaofela, la hore ba nne ba ahe lefatsheng la Juda. 5 Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda; 6 e le banna, le basadi, le bana, le baradi ba morena, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba siile ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, le yena moporofeta Jeremia, le Baruke, mora Neria; 7 ba ya Egepeta, hobane ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova; mme ba tla Takpanese. Ho porofetwa hore Nebukadresare o tla hapa Egepeta. 8 Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, Takpanese, la re: 9 Nka majwe a maholo, o a pate letsopeng, seboping sa setene se leng lepatlelong la ntlo ya Faro, Takpanese, pontsheng ya batho ba Juda; 10 o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bona, ke se ke tla romela ho lata Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, ke bee terone ya hae majweng ana ao ke a patileng, mme a ale tente ya hae hodima wona. 11 O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong. 12 Ke tla hotetsa mollo matlung a medimo ya Egepeta; Nebukadresare o tla a tjhesa, a ise medimo kgolehong; o tla ipopa ka lefatshe la Egepeta jwaloka modisa ha a ipopa ka kobo ya hae, mme o tla tloha teng ka kgotso. 13 O tla robaka ditshwantsho tsa Bethe-Shemeshe tse lefatsheng la Egepeta, le matlo a medimo ya Egepeta a a tjhese ka mollo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa