Jeremia 10 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ditshwantsho. — Jehova. 1 Mamelang lentswe leo Jehova a le bolellang lona, ntlo ya Iseraele: 2 Ho itswe ke Jehova: Le se ke la itemaletsa mekgwa ya ditjhaba, le se ke la tshoswa ke dipontsho tsa lehodimo, kahobane ditjhaba di tshoswa ke tsona. 3 Hobane mekgwa ya ditjhaba ke bosawana, hobane ho ye ho rengwe sefate morung, se be se sebetswe ke matsoho a mmetli ka selepe. 4 Ba se kgabise ka silefera le ka kgauta; ba se kgokgothele ka dipekere le ka noto, hore se se ke sa sisinyeha. 5 Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle. 6 Ha ho ya jwaloka wena, Jehova; o moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao. 7 Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena. 8 Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate! 9 Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene. 10 Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona. 11 Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo. 12 Ke wona o entseng lefatshe ka matla a wona, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba wona, ka hlalefo ya wona o sarolotse mahodimo. 13 Ha o phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a wona. 14 Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona. 15 Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela. 16 Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae. Kotlo e a atamela. 17 O bofe thoto ya hao, o falle naheng ena, wena ya dutseng mahlomoleng. 18 Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya betsa baahi ba lefatshe ka letjeketjane, ke ya ba patisa, ba tle ba tshwarwe. 19 Jo! jo nna! ke robehile! Leqeba la ka hase le ho nqeta! Empa ka re: Kannete, ke lona lefu la ka, e ka kgona ke nne ke le mamelle. 20 Tente ya ka e sentswe, mehala ya ka kaofela e kgaohile: bara ba ka ba ntlohetse, ha ba sa le yo; ha ho sa le ya ka hlomang tente ya ka, leha e le ya ka sarollang metlotlwane ya ka. 21 Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa. 22 Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe. 23 Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae. 24 Jehova, o nkgalemele, empa e be ka tekano, e seng ka kgalefo ya hao, esere wa mphedisa. 25 O ke o tshollele kgalefo ya hao ditjhabeng tse sa o tsebeng le merabeng e sa rapeleng lebitso la hao; hobane ba jele Jakobo, ba mo jele le ho mo qeta, ba ripitlile leaho la hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa