Isaia 64 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Hojane o ka bula mahodimo, wa theoha, dithaba tsa keleketla pela hao! 2 Hoja o ka theoha jwaloka mollo o tjhesang hlaha, mollo o bedisang metsi, dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao, ditjhaba di ne di tla thothomela pela hao; 3 jwaloka mohla o kileng wa etsa mehlolo e tshabehang eo re neng re sa e lebella, mme wa theoha, dithaba tsa ba tsa keleketla pela sefahleho sa hao! 4 Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng. 5 O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang? 6 Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo. 7 Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona. 8 Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao. 9 Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao. 10 Metse e halalelang ya hao e fetohile nahathothe, Sione ke nahathothe, Jerusalema ke lesupi. 11 Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile. 12 Oho Jehova, ha o bona diketso tseo, na o ka itshwara, o ka kgutsa na, wa re tlohela mahlomoleng a fetisisang na? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa