Isaia 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho fihla ho Esekiase manqosa a tswang Babilona. 1 Mehleng eo, Merodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase, hobane a ne a utlwile hore o ne a kile a kula, a ba a fola. 2 Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle. 3 Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona. 4 Ebile Esaia o re: Ba bone eng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tse ka tlung ya ka kaofela; ha ho letho la maruo a ka leo ke sa kang ka ba bontsha lona. 5 Yaba Esaia o re ho Esekiase: Mamela lentswe la Jehova wa makgotla. 6 Bona, matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ya hao di tla iswa Babilona, le tsohle tse bokeletsweng ke bontatao ho fihlela la kajeno; ho ke ke ha sala letho, ho bolela Jehova. 7 Ha e le bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang, hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya morena wa Babilona. 8 Yaba Esekiase o re ho Esaia: Lentswe la Jehova leo o le boletseng le molemo. A eketsa a re: Kgotso e tla ba teng le boiketlo, ha ke ntse ke phela. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa