Isaia 38 - Sesotho 1909/1961 (SO)Pabo le phodiso ya Esekiase. — Sefela sa teboho. 1 Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela. 2 Yaba Esekiase o retelehela leboteng, mme a ithapella ho Jehova, 3 a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo. 4 Yaba lentswe la Jehova le fihla ho Esaia, la re: 5 Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. 6 Ke tla o namolela, wena le motse wona, matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse wona. 7 Mme pontsho ho wena e tswang ho Jehova, o tle o tsebe hore Jehova o tla etsahatsa seo a se boletseng, 8 bona, ke tla kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o seng o theohetse teng ka ketso ya letsatsi. Yaba letsatsi le kgutlela ka santhao ka tekanyo tse leshome, letlapeng la dinako la Akase, moo le neng le tsamaya teng. 9 Sefela sa Esekiase, morena wa Juda, sa mohla a neng a kula, mme a fodiswa bohlokong ba hae; a re: 10 Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse. 11 Ka ba ka re: Ha ke sa tla bona Jehova, Jehova, lefatsheng la ba utlwang; ha ke sa tla bona batho, ha ke le ho ba ahileng nqalong ya bafu. 12 Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile. 13 Ka ba ka itshwara ho isa hosasane; a roba masapo a ka jwalokaha ho roba tau; ho tloha hosasa ho isa bosiu, o tla be o nqetile. 14 Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke! 15 Ke tla re eng? O ntshepisitse, mme o nkutlwile. Ke tla tsamaya ka boikokobetso ho isa ho feleng ha dilemo tsohle tsa ho phela ha ka, hobane bohloko ba moya wa ka bo fetile. 16 Morena, motho o phela ka mehauhelo ya hao; bophelo ba moya wa ka bo dutse ho yona kaofela; o a mphodisa, mme o a mphedisa. 17 Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao. 18 Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao. 19 Empa ba phelang, ba phelang, ke bona ba o bokang, jwalokaha ke etsa kajeno; ntata motho o tla phetela bana ba hae tsa botshepehi ba hao! 20 Jehova o rata ho mpoloka; ka baka leo, re tla tidinya dikgole tsa diharepa tsa rona ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, ka tlung ya Jehova. 21 Esaia o na be a boletse hore ho tliswe motoho wa defeiye; yaba ba o bea sesong, mme o fola. 22 Esekiase o ne a itse: Pontsho ke efe eo ke tla tseba ka yona hoba ke sa tla nyolohela ka tlung ya Jehova? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa