Isaia 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)Badamaseka le Baefraime ba porofetelwa dikahlolo. 1 Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako. 2 Metse ya Aroere e ya tlohelwa, e fetohe metebo moo mehlape e bothang teng, ho se motho ya e tshosang. 3 Ho fedile le qhobosheane ya Efraime, le mmuso wa Damaseka, le ho setseng ha Siria; ho tla dula ka bona jwalokaha ho kile ha dula ka kganya ya bana ba Iseraele: ho bolela Jehova wa makgotla. 4 Mohlang oo, kganya ya Jakobo e tla dikela, le ho nona ha nama ya hae ho fetohe ho ota. 5 Ho tla ba jwaloka mohla mokotudi a tshwarang ditlhaka tsa koro, mme letsoho la hae le hela diqwapi, le jwaloka mohla ho tholwang diqwapi sekgutlong sa Refaime. 6 Ho sale ho thonakwa, jwaloka mohla ho hlohlorwang sefate sa mohlwaare, ha tholwana di sala di le pedi, kapa di le tharo makaleng a hodimo, di be nne, kapa di be hlano ntlheng tsa makala a sefate a behang: ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele. 7 Ka lona tsatsi leo, motho o tla lelalla ho Ya mmopileng, mahlo a hae a tadime ka nqa ho Mohalaledi wa Iseraele. 8 Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi. 9 Tsatsing leo, metse ya hae ya diqhobosheane e tla ba jwaloka dithako tse merung le dihlorong tsa dithaba, tse siilweng pela bana ba Iseraele ke Bakanana; e tla ba nahathothe. 10 Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang. 11 Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang. Makgotla a Baassiria a tla fediswa. 12 Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata! 13 Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo. 14 Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa