Isaia 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Bamoabe, isang lekgetho la dikonyana ho mmusi wa lefatshe, le tlohe Sela, le ye ka lefeelleng ho ya kena thabeng ya moradi wa Sione. 2 Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone. 3 Re eletse, etsa morero, motshehare re etsetse leswiti le jwaloka bosiu, o tle o pate ba lelekisitsweng, mme o se ke wa senola ba balehang. 4 Ba lelekilweng ba Moabe ba jake haeno, o be qhobosheane ya bona pela mosenyi, ho fihlela mohlorisi a kgutla, tshenyo e fela, mme ba hatakelang setjhaba ba fela lefatsheng. 5 Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka. 6 Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae. 7 Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo. 8 Hobane masimo a Heshbone a ponne, merara ya Sibma eo makala a yona a neng a taha marena a lefatshe, a namile ho isa Jaesere le ho fihlela nahathothe, mme mahlomela a yona a fihlile le mose wa lewatle. 9 Ka baka leo, ke llela merara ya Sibma, jwalokaha nkile ka llela Jaesere; ke tsholla meokgo hodima lona, Heshbone le Eleale; hobane mekgosi e kene korong ya lona le merareng ya lona. 10 Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati. 11 Mala a ka a duma hodima Moabe jwaloka harepa, le pelo ya ka hodima Kire-Harese. 12 Leha Moabe a ka nna a kgathala ke ho ya nqalong tse diphahameng, le ke ho kena tempeleng ya teng ho rapela, a ke ke a thusa letho. 13 Ke yona polelo eo Jehova e sa leng a e bolela hodima Moabe. 14 Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa