Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Bamoabe ba porofetelwa dikahlolo.

1 Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;

2 Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.

3 Mapatlelong ho ikapesitswe ka masela a mahwashe; hodima matlo le diterateng ke dillo le diboko feela.

4 Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.

5 Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.

6 Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.

7 Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane.

8 Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.

9 Metsi a Dimone a tletse madi, hobane ke tla eketsa kotlo ya Dimone, ke ho re, tau e tlang ho bolaya ba phonyohileng ba Moabe le ba setseng naheng ya teng.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan