Isaia 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse. 2 Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka. 3 Le tla ikgella metsi ka thabo didibeng tsa poloko; 4 ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng. 5 Binelang Jehova, hobane o entse taba tse kgolo; di ke di tsejwe lefatsheng lohle. 6 Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa