Hosea 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka. 2 Ba tla howeletsa ho nna, ba re: Modimo wa rona, rona Iseraele, re o tsebile. 3 Iseraele o kgesa botle, sera se tla mo phallela. 4 Bona ba beile marena, empa e seng ka taelo ya ka, ba beile babusi, athe ha ke tsebe. Ka kgauta ya bona le ka silefera ya bona ba iketseditse ditshwantsho, ba tle ba fediswe. 5 E a kgeseha, namane ya hao, Samaria. Bohale ba ka bo a ba tukela. Ba tla sitwa ho hlweka ho le hokae? 6 Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto. 7 Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba. 8 Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng. 9 Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo. 10 Leha ba romela dineo hara ditjhaba, ke tla ba bokella teng, ba qale ho fokola ke ho imelwa ke morena wa marena a mang. 11 Erekaha Efraime a atisitse ho haha dialetare ka ho seba, dialetare di tla mo sebisa. 12 Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele. 13 Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta. 14 Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, o hahile matlo a borena; le Juda o atisitse ho haha metse e matla; empa ke tla romela mollo metseng ya bona, o tjhese matlo a bona a borena. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa