Hosea 6 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba. 2 Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae. 3 A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe. 4 Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele. 5 Ka baka leo, ke ba otlile ka baporofeta, ke ba bolaile ka dipolelo tsa molomo wa ka; dikahlolo tsa ka tsa hlaha hang jwaloka lesedi! 6 Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso. 7 Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana. 8 Gileade ke motse wa dihlola, o inetile ka madi. 9 Le sehlopha sa baprista se jwaloka sehlopha sa balalli; tseleng e yang Sikeme ba bolaya batho; e, ba etsa ka bolotsana. 10 Tlung ya Iseraele ke bone manyala; teng ho feba Efraime! Iseraele o a itshilafatsa! 11 Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa