Hosea 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara. 2 Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo. 3 Ka re ho yena: Ka matsatsi a mangata o ntulele, o se ke wa feba, o se ke wa kopana le monna; le nna nke ke ka kopana le wena. 4 Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime. 5 Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa