Habakuke 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)Bakalde ba tla otlwa. 1 Ke tla ema tulong ya ka ya bolebedi, ke tla hlwella toreng ya sebohodi, ke tle ke lebele ho bona seo Jehova a tla se bolela ka ho nna, le seo nka fetolang dillo tseo tsa ka ka sona. 2 Ebile Jehova o nkarabella ka ho re: Ngola tshenolo, e betle mamatjaneng, hore ya balang a e bale habonolo; 3 hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela. 4 Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae. 5 Hape, veine e a thetsa; monna ya ikakasang a ke ke a tiya. Eo ya ahlamisitseng moya wa hae jwaloka lebitla, ya tshwanang le lefu, ya se nang ho kgolwa, ya ipokellelang ditjhaba tsohle, ya ipokanyetsang merabe yohle ... 6 ditjhaba tseo kaofela na di ke ke tsa etsa papiso hodima hae, le pina ya sesomo, le dilotho na? Mme ho tla thwe: Ho madimabe ya ipokellelang seo e seng sa hae, ... o tla nne a etse jwalo ho le hokae? ... ya ipelesang ka tse amohilweng! 7 Na ba ke ke ba ema hang ba tlang ho o loma? Na ba ke ke ba tsoha ba tlang ho o leleka, o tle o be kgapo ya bona? 8 Kahobane o lobetse ditjhaba tse ngata, masala wohle a ditjhaba a tla o lobela, ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse, le bohle ba ahileng ho wona. 9 Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng! 10 O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao. 11 Hobane lejwe le howa le le lerakong, mme balaka yona e le arabela e le marulelong! 12 Ho madimabe ya hahang motse ka madi, ya theang motse o matla ka bolotsana! 13 Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela? 14 Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle. 15 Ho madimabe ya nosang wa habo, wena ya tswakanyetsang ba bang seno sa kgalefo ya hao, o bileng o ba tahisa, o tle o tadime bofeela ba bona! 16 O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao. 17 Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona. 18 Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu? 19 Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona. 20 Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa