Genese 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)Leloko la Adama ka Setha ho isa Nowe. 1 Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo. 2 Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang. 3 Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha. 4 Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi. 5 Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa. 6 Setha a phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano; a tswala Enose. 7 Eitse hobane Setha a tswale Enose, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi le metso e supileng; a tswala bara le baradi. 8 Ditshiu tsohle tsa Setha e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a leshome le metso e mmedi; mme a shwa. 9 Enose a phela dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, mme a tswala Kenane. 10 Eitse Enose ha a tswetse Kenane, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e mehlano; a tswala bara le baradi. 11 Ditshiu tsohle tsa Enose ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa. 12 Kenane a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Mahalaleele. 13 Kenane ha a se a tswetse Mahalaleele, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mane; mme a tswala bara le baradi. 14 Ditshiu tsohle tsa Kenane ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong le leshome le le leng; mme a shwa. 15 Mahalaleele a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Jerede. 16 Eitse Mahalaleele ha a tswetse Jerede, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mararo; mme a tswala bara le baradi. 17 Ditshiu tsohle tsa Mahalaleele ya eba dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa. 18 Eitse Jerede ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi, a tswala Henoke. 19 Jerede eitse hobane a tswale Henoke, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; mme a tswala bara le baradi. 20 Ditshiu tsohle tsa Jerede ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e mmedi; mme a shwa. 21 Henoke a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Methusela. 22 Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi. 23 Ditshiu tsohle tsa Henoke ya eba dilemo tse makgolo a mararo a mashome a tsheletseng a metso e mehlano. 24 Henoke a tsamaya le Modimo; mme a ba siyo, hobane Modimo wa na wa mo nka. 25 Methusela ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi a metso e supileng, a tswala Lemeke. 26 Methusela ha a tswetse Lemeke, a phela dilemo tse makgolo a supileng a mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi; mme a tswala bara le baradi. 27 Ditshiu tsohle tsa Methusela ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e robileng mono o le mong; mme a shwa. 28 Lemeke ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi, a tswala mora. 29 A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova. 30 Lemeke ha a tswetse Nowe, a phela dilemo tse makgolo a mahlano a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a tswala bara le baradi. 31 Ditshiu tsohle tsa Lemeke ya eba dilemo tse makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e supileng; mme a shwa. 32 Nowe a phela dilemo tse makgolo a mahlano, a ntoo tswala Sema, le Kama, le Jafeta. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa