Genese 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)Josefa ha a le Egepeta. 1 Josefa a iswa Egepeta, mme Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi, Moegepeta, a mo reka ho Baishmaele ba mo isitseng teng. 2 Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta. 3 Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae. 4 Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae. 5 Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng. 6 Ntho tsohle tsa hae a di tlohela diatleng tsa Josefa, a se ke a hlola a botsa letho la hae haese bohobe boo a bo jang. Josefa o ne a na le sebopeho se setle, le tshobotsi e ntle. 7 Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna! 8 Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka; 9 ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na? 10 Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena. 11 Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung, 12 a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle. 13 Eitse ha a bona hoba o siile kobo ya hae matsohong a hae, a balehile, 14 a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo; 15 eitse ha a utlwa hoba ke phahamisa lentswe la ka, ke howeletsa, a siya kobo ya hae ho nna, a baleha, a tswela ntle. 16 A boloka kobo ya Josefa pela hae, ho fihlela mong a hae ha a etla hae. 17 Yaba o bua le yena ka polelo tsa hore hoitseng, a re: Mohlanka wa Moheberu eo o mo tlisitseng ho rona, o ile a tla ho nna ho bapala ka nna. 18 Yare ha ke phahamisa lentswe la ka, ke bitsa, a siya kobo ya hae ho nna, a balehela ntle. 19 Eitse ha mong a hae a utlwa polelo tsa mosadi wa hae; tseo a mmolellang tsona ka ho re: Mohlanka wa hao o nkentse ka hore hoitseng, bohale ba hae ba tuka. 20 Yaba mong a Josefa o na mo nka a mo kenya tlung ya teronko, nqalong eo baholehuwa ba morena ba holehilweng teng; mme a dula teng, ka tlung ya teronko. 21 Jehova a ba le Josefa, a mo etsetsa ka lereko, a mo fumantsha mohau mahlong a mong a ntlo ya teronko. 22 Mong a ntlo ya teronko a neela matsohong a Josefa baholehuwa kaofela ba leng ka tlung ya teronko, mme tsohle tse neng di etswa teng e ne e le yena ya di etsang. 23 Mong a ntlo ya teronko o ne a sa hlahlobe letho la dintho kaofela tse leng matsohong a hae, hoba Jehova o ne a na le yena, mme seo a neng a se etsa, Jehova o ne a mo atlisetsa sona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa