Genese 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Jakobo a lelatsa mahlo a hae, a tadima, mme a bona Esau a etla a na le batho ba makgolo a mane. Yaba bana o ba arolela Lea, le Ragele, le makgabunyane a mabedi. 2 A bea makgabunyane le bana ba wona kapele, mme kamora bona a bea Lea le bana ba hae, mme Ragele le Josefa a ba bea kamoraorao. 3 Yena a fetela pele ho bona, a inamela fatshe makgetlo a supileng, a ba a fihla ho moholwane wa hae. 4 Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla. 5 A lelatsa mahlo a hae, a bona basadi le bana, a re: Ke bomang bao o nang le bona? A re: Ke bana bao Modimo o ba neileng mohlanka wa hao. 6 Yaba makgabunyane a atamela, wona le bana ba wona, a inama. 7 Lea le yena a atamela le bana ba hae, ba inama; kamorao ha tla Josefa le Ragele, ba inama. 8 A re: O hopotseng ka mehlape eo yohle eo ke kgahlaneng le yona? A re: Ke hore ke fumane mohau mahlong a hao, morenaka. 9 Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao! 10 Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela. 11 Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka. 12 Esau a re: A re tloheng, re tsamaye, mme ke tla o etella pele. 13 Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa. 14 Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka. 15 Esau a re: A nke ke o siele batho ba bang bao ke nang le bona. Yaba o re: Ke haele ka baka lang? A ke mpe ke fumane mohau mahlong a morenaka! 16 Yaba Esau o kgutla ka tsela ya hae ka lona tsatsi leo, a ya Seire. 17 Jakobo a ya Sukkothe, a ikgahela ntlo, mme mehlape ya hae a e etsetsa metlotlwane; ke ka baka leo motse oo o bitswang Sukkothe. 18 Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse. 19 A reka sekoto sa naha, seo a hlomileng tente ya hae ho sona, ho bana ba Hamore, ntata Sikeme, ka dikesita tse lekgolo. 20 A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele). |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa