Genese 29 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jakobo ha a le ha Labane. — O nyala Lea le Ragele. — Bana ba Jakobo. 1 Yaba Jakobo o tswela pele, a ya naheng ya bana ba Botjhabela. 2 Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo. 3 Mehlape kaofela e ne e buswa e bokellelwa teng, mme letlapa le ne le ribollwa hodima molomo wa sediba, ho tle ho noswe mehlape; eba letlapa le busetswa tulong tsa lona hodima molomo wa sediba. 4 Yaba Jakobo o re ho bona: Banabeso, le ba kae? Ba re: Re ba Kharane. 5 Yaba o re ho badisa: A le tseba Labane, mora wa Nakore? Ba re: Re a mo tseba. 6 A re: O ntse a phela hantle, na? Ba re: O ntse a phela hantle, mme Ragele, moradi wa hae, ke enwa ya tlang le mohlape. 7 Yaba o re: Bonang, e sa le motshehare o moholo, ha e eso ho be nako ya ho phutha mehlape; nosang dinku, le tswe le ya di alosa. 8 Ba re: Re a sitwa, haele mona mehlape kaofela e eso ho phuthehe, ho tswe ho ribollwa letlapa le hodima molomo wa sediba, e le hona re nosang dinku. 9 A re a sa ntse a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le yena ya di disang. 10 Eitse ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa Labane, kgaitsedi ya mmae, le dinku tsa Labane, kgaitsedi ya mmae, Jakobo a atamela, a ribolla letlapa le leng hodima molomo wa sediba, a nosa dinku tsa Labane, malomae. 11 Jakobo a aka Ragele, a phahamisa lentswe la hae, a lla. 12 Jakobo a bolella Ragele hoba ke yena wabo ntatae, le hore ke mora wa Rebeka; ya ba o matha, a tsebisa ntatae. 13 Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela. 14 Labane a re ho yena: Efela o lesapo la ka le nama ya ka! Jakobo a dula ho yena matsatsi a kgwedi. 15 Yaba Labane o re ho Jakobo: Haele moo o le ngwaneso, na o tla ntshebeletsa feela? Ako mpolelle hore moputso wa hao e tla ba eng? 16 Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele. 17 Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng. 18 Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane. 19 Labane a re: Ho molemo ha nka o nea yena ho fetisa ha nka mo nea monna e mong; itulele ha ka. 20 Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata. 21 Yaba Jakobo o re ho Labane: Nnee mosadi wa ka, ke tle ke tle ho yena, hobane matsatsi a ka a phethahetse. 22 Yaba Labane o lalletsa batho ba teng kaofela, a etsa mokete. 23 Eitse ha ho phirimile, a nka Lea, moradi wa hae, a mo isa ho yena, mme Jakobo a ya ho yena. 24 Labane a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Lea, moradi wa hae, hore e be lefielo la hae. 25 Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na? 26 Labane a re: Ha ho ke ho etswa jwalo mona haeso, hore e monyenyane a ntshwe pele ho e moholo. 27 Qeta veke ya enwa, mme re tla o nea le yane hodima tshebeletso eo o tlang ho ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng. 28 Jakobo a etsa jwalo, a qeta veke ya Lea; yaba Labane o mo nea Ragele, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae. 29 Labane a nea Ragele, moradi wa hae, Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be lefielo la hae. 30 Jakobo a ba a ya le ho Ragele; a mpa a rata Ragele ho feta Lea; mme a boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng. 31 Jehova a bona hoba Lea o hloilwe, mme a mo thibolla popelo: empa Ragele ya eba nyopa. 32 Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata. 33 A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo). 34 A boela a emola, a tswala mora, a re: Jwale, lekgetlo lena monna wa ka o tla kgomarelana le nna, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo. Ka baka lena, a rewa lebitso la Levi (kgomarelano). 35 A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa