Genese 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Mahodimo a phethwa jwalo, le lona lefatshe le dintho tsohle tsa teng. 2 Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng. 3 Modimo wa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, mme wa le kgetha, hobane o phomotse ka lona mosebetsing wohle oo Modimo o o entseng ka ho o sebetsa. Popo ya monna le mosadi. 4 Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo, 5 dimela tsohle tsa naha di ne di eso ho be lefatsheng, le jwang bohle ba naha bo ne bo eso ho mele, hobane Jehova Modimo o ne a eso ho nese pula lefatsheng, mme ho bo ho se motho ya lemang lefatshe; 6 empa ho ne ho nyoloha mohodi fatshe, mme o ne o kolobisa lefatshe lohle. 7 Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang. 8 Jehova Modimo a hloma tshimo Edene ka nnqa botjhabela, mme a bea teng motho eo a mmopileng. 9 Jehova Modimo a medisa lefatsheng difate tsohle tse kgahlisang mahlo, tse monate ha di jewa, mme hara tshimo a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe. 10 Noka e ne e tswa Edene ho nosetsa tshimo, mme e ne e arohana teng, e ikentse dinoka tse nne. 11 Lebitso la ya pele ke Pisone, e teetseng naha yohle ya Havila hare, moo kgauta e leng teng. 12 Kgauta ya naha eo e ntle; bedela e teng le lejwe la onikse. 13 Lebitso la noka ya bobedi ke Gihone, e teetseng naha yohle ya Kushe hare. 14 Lebitso la noka ya boraro ke Hiddekele, e mathelang ka nnqa botjhabela ho Assiria. Noka ya bone ke Eufrate. 15 Yaba Jehova Modimo o nka motho, a mmea tshimong ya Edene, ho e lema le ho e lebela. 16 Jehova Modimo a laela motho, a re: Haele difate tsohle tsa tshimo, o tla di ja; 17 empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa. 18 Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena. 19 Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona. 20 Adama a rea makgomo wohle mabitso, le tse rurang tsa mahodimo, le diphoofolo tsohle tsa naha; empa hae le bakeng sa motho ha ho a ka ha fumanwa molekane ya tshwanang le yena. 21 Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona. 22 Jehova Modimo a bopa mosadi ka lehopo leo a le ntshitseng ho Adama, mme a mo tlisa ho Adama. 23 Adama a re: Jwale enwa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ya nama ya ka; o tla bitswa mosadi, hobane o ntshitswe ho monna. 24 Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela. Tshimo ya Edene le sebe sa Adama. 25 Adama le mosadi wa hae ba ne ba le feela ba babedi, ba se na dihlong. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa