Genese 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)Abrame o boela Kanana. — O kgaohana le Lota. — Dipallo tsa Jehova. 1 Abrame a tloha Egepeta, yena, le mosadi wa hae, le dintho tsohle tsa hae, a na le Lota, ba lebile nnqa borwa ho Kanana. 2 Abrame o ne a ruile makgomo, le silefera, le kgauta haholoholo. 3 A nna a tsamaya, a qaqoma borwa, a ba a fihla pela Bethele, hona moo tente ya hae e neng e eme teng pele, pakeng tsa Bethele le Ai, 4 moo a neng a hahile aletare pele, mme Abrame a rapela teng lebitso la Jehova. 5 Le yena Lota, ya neng a tsamaya le Abrame, o ne a na le manku, le makgomo, le ditente. 6 Empa naha e ne e sa ba lekane ho dula hammoho, hobane maruo a bona a ne a le maholo, mme ba sitwa ho dula hammoho. 7 Yaba qabang e hlaha mahareng a badisa ba mehlape ya Abrame le badisa ba mehlape ya Lota. Mehleng eo Bakanana le Baferese ba ne ba ahile naheng eo. 8 Yaba Abrame o re ho Lota: Oho! qabang e se ke ya eba teng mahareng a ka le wena, kapa mahareng a badisa ba ka le badisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong. 9 Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi. 10 Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora. 11 Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana. 12 Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma. 13 Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa. 14 Eitse ha Lota a se a ikgaohantse le yena, Jehova a re ho Abrame: Ako emise mahlo a hao, mme ho tloha moo o leng teng, o tadime leboya, le borwa, le botjhabela, le bophirimela; 15 hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng. 16 Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala. 17 Raoha, o itsamaele le lefatshe lena ka bolele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla o fa lona. 18 Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa