Genese 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tora ya Babele. 1 Lefatshe lohle le ne le na le puo e le nngwe le mantswe a le mang. 2 Yare ha ba fallela Botjhabela, ba fihlela lehwatata naheng ya Shineare, mme ba aha teng. 3 Yaba ba bolellana, ba re: Tloong hleng, re bope makote, re a bese ka mollo. Ba eba le makote bakeng sa majwe, le bitume bakeng sa seretse. 4 Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle. 5 Yaba Jehova o theoha ho tla bona motse le tora e hahuwang ke bana ba batho. 6 Jehova a re: Bonang, ke setjhaba se le seng, puo ya bona kaofela e nngwe feela, mme haele mona ba qadile ho sebetsa, ha ba sa na ho thibelwa hore ba se ke ba phetha tsohle tseo ba di rerileng. 7 A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong. 8 Yaba Jehova o ba qhalanya teng jwalo, ba ya le lefatshe lohle, ba lesa ho haha motse. 9 Ka baka leo, motse oo wa rewa Babele, kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ya lefatshe lohle, le moo Jehova a ba qhalanyeditseng teng lefatsheng lohle. Bontatemoholo ba setjhaba sa Baiseraele ho tloha ho Abrahama ho isa ho Josefa, 11:10 — 50:26. Lesika la Sema. 10 Ditloholo tsa Sema ke tsena: Sema e ne e le motho ya dilemo tse lekgolo, mme a tswala Arpaksade, ka lemo sa bobedi ha morwallo o se o fetile. 11 Sema eitse hobane a tswale Arpaksade, a phela dilemo tse makgolo a mahlano; mme a tswala bara le baradi. 12 Arpaksade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, a tswala Shela. 13 Arpaksade eitse hobane a tswale Shela, a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro; mme a tswala bara le baradi. 14 Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Hebere; 15 mme Shela ha a se a tswetse Hebere a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro; mme a tswala bara le baradi. 16 Hebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, a tswala Pelege; 17 mme Hebere ha a se a tswetse Pelege, a phela dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo; mme a tswala bara le baradi. 18 Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Rehu; 19 mme Pelege eitse hobane a tswale Rehu, a phela dilemo tse makgolo a mabedi a metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi. 20 Rehu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, a tswala Seruge; 21 mme Rehu ha a se a tswetse Seruge, a phela dilemo tse makgolo a mabedi a metso e supileng; mme a tswala bara le baradi. 22 Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, a tswala Nakore; 23 mme Seruge eitse hobane a tswale Nakore, a phela dilemo tse makgolo a mabedi; mme a tswala bara le baradi. 24 Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, a tswala Tera; 25 mme Nakore eitse hobane a tswale Tera, a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi. 26 Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Abrame, Nakore le Harane. 27 Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota. 28 Empa Harane a shwa, Tera ntatae a sa ntse a le teng, lefatsheng leo a tswaletsweng ho lona, Ure wa Kalde. 29 Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska. 30 Empa Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana. 31 Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng. 32 Ditshiu tsa Tera ya eba dilemo tse makgolo a mabedi a metso e mehlano; Tera a ntoo shwela Kharane. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa