Ezekiele 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho porofetwa phediso ya Jerusalema. 1 Haele wena, mora motho, o nke lekote, o le bee pela hao, mme ho lona o tshwantshe motse, e leng Jerusalema; 2 o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona. 3 O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele. 4 Wena jwale, o sekame ka lehlakore la hao le letshehadi, o bee bokgopo ba ntlo ya Iseraele ho lona; ha o ntse o sekame ka lona ka tshiu tse itseng, etlaba o jere bokgopo ba bona ka tsona. 5 Ke o nea dilemo tsa bokgopo ba bona di be kaa ka palo ya ditshiu tseo, e leng tshiu tse makgolo a mararo a nang le mashome a robileng mono o le mong. O tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele jwalo. 6 Etlare hobane o qete tshiu tseo, o tla boela o sekame ka lehlakore la hao le letona, mme o tla jara bokgopo ba ntlo ya Juda ka tshiu tse mashome a mane; ke o nea tshiu ka nngwe ho lekanya selemo se seng. 7 O tle o lebisetse thibello ya Jerusalema sefahleho sa hao le letsoho la hao le apotsweng, o mo porofetele. 8 Bona, ke beile marapo ho wena, hore o tle o se ke wa iphetolela ka hlakoreng le leng, o eso ho qete tshiu tsa thibello ya hao. 9 Jwale, o inkele koro, le harese, le dinawa, le dierekise, le nyalothe, le maidi, o di tshele pitseng e le nngwe, mme ka tsona o iketsetse bohobe bo ka lekanang palo ya ditshiu tseo o tla sekama ka lehlakore ka tsona; o tla bo ja ka tshiu tse makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong. 10 Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng. 11 Leha e le metsi ao o tla a nwa, o a nwe ka tekanyo ya botshelela ya hine; o tle o a nwe ka nako e itseng le ka nako e itseng. 12 Maqebekwane a harese ao o a jang, o tle o a bese ka masepa a batho pontsheng ya bona. 13 Jehova o re: Bana ba Iseraele ba tla ja bohobe ba bona bo silafetse jwalo hara ditjhaba tseo ke tla ba lelekisetsa hara tsona. 14 Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka. 15 Yaba o re ho nna: Bona, ke o neile boloko ba kgomo bakeng sa masepa a motho; o tle o bese bohobe ba hao ka jona. 16 A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo, 17 hobane ba tla hloka bohobe le metsi. Ba tla dula ba se na ho tshediseha, ba be ba fele bokgopong ba bona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa