Ezekiele 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 A re ho nna: mora motho, ema ka maoto a hao, ke tle ke bue le wena. 2 A re a sa bua le nna, moya wa kena ka ho nna, mme wa nkemisa ka maoto a ka, mme ka mamela ya buang le nna. 3 A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena. 4 Ke bana ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo; ke o romela ho bona. Ere ho bona: Morena Jehova o a bua. 5 Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona. 6 Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi. 7 O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi. 8 Haele wena, mora motho, mamela seo ke o bolellang sona! O se ke wa hana, jwalokaha ho hana ntlo eo. Ahlamisa molomo, o je seo ke o neang sona. 9 Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng. 10 La e phutholla pela ka, e ngodilwe kahare le kantle, e ngodilwe dipobodi, le kodiyamalla, le difehelo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa