Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Ezekiele 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Baahi ba Jerusalema ba tshwantshwa ka sefate sa morara.

1 Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2 Mora motho, sefate sa morara se feta difate tsohle tse ding kang, ke bolela lekala la morara le medileng hara difate tsa moru?

3 Na ho tla nkwa lehong ho wona morara ho etsa mosebetsi ka lona na? Kapa, na motho o tla nka thakgisa ho wona ho fanyeha ntho efe kapa efe ho yona?

4 Bonang, morara o ye o akgelwe mollong e le patsi; mollo o tjhese dintlha tse pedi tsa wona, bohareng ho fuswe. Na lehong leo le loketse mosebetsi na?

5 O ka bona, ha esita leha le ne le sa le kaofela ha lona, ho ne ho ke ke ha sebetswa mosebetsi ofe kapa ofe ka lona, haholo jwale, ha mollo o se o le fedisitse, le bile le tlabohile, ho ka sebetswa mosebetsi ofe ka lona?

6 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jwalokaha sefate sa morara se le hara difate tse morung, seo ke se akgelang mollong ho ba patsi, ke entse jwalo ka ba ahileng Jerusalema.

7 Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.

8 Haele lefatshe, ke tla le senya, hobane ba entse bolotsana; ho rialo Morena Jehova.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan